Kena thapelong e khethehileng le Morena Papa Francis ka di 27 Hlakola ka nako ya 7 mantsiboya, ho iphumanela Tshwerelo le Hlohonolofatso

HO TSWA OFISING EA LEQOSA LA MORENA PAPA AFRIKA E KA BORWA

Sedika se Halalelang sa Kereke e Katholike (Holy See) se kopile Leqosa la Morena Papa (Apostolic Nunciature) ho tsebisa bohle ba boithatelo bo botle, e eleng bohle Balumeli ba Makatholike le Bakriste ka kakaretso, esita le ba ditumelo tse ding, ho nka karolo ka moea o le mong, thapelong e khethehileng eo Morena Papa ea tlang ho e tshwara ka di 27 Hlakola selemong se holimo, kerekeng ea St Peter Basilica e ka hare ho Vatican, mme bohle ba khothaletswa ho sebedisa marang-rang ohle a dikhokahanyo ho kena thapelong ena le Morena Papa. Ketsahalo ena e tla bontshwa matlapeng a marang-rang ke MONDOVISIONE le Lefapha la Litaba la Vatican (Vatican News) ka hora ea bosupa mantsiboea (19hOO) ho ea ka nako ea Africa Boroa, mme ketsahalong ena Morena Papa o tla fana ka tswharelo e khethehileng (Plenary Indulgence) ho bohle ba tlang ho nka karolo, le ho ba fa hlohonolofatso e khethehileng (Urbi er Orbi).

E ngotswe ho tsoa Ofising ea Leqosa la Morena Papa Pretoria, ka la 25Hlakula 2020, Moketeng o moholo oa Annuciation of Our Lord.  

Facebooktwitteryoutube

Facebooktwitterlinkedinmail

Leave a Reply